Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 10:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Ha se etswa lekgalong sa re: “Bosiung bona ke tla ya emisa Gobe.” Rama e tetemisa dirope, e a thothomela, Gibea ya Saule yona e a baleha.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:29
18 Referencias Cruzadas  

Haele taba tse ding tsa Asa, le matla a hae, le tsohle tse entsweng ke yena, le metse eo a e hahileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda? Boqhekung ba hae, a jewa ke maoto.


Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.


Haesale mohla Gibea, o sebile, Iseraele. Ba tiiseditse teng; ntwa e hlahetseng ba bolotsana Gibea na e ke ke ya ba tshwara na?


Letsang phala Gibea, le letse terompeta Rama; hlabang mokgosi Bethe-Avene. Sera se kamora ho wena, Benjamine!


Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.


Lelokong la Benjamine, ke Gibeone le meraka ya wona, le Geba le meraka ya wona;


Le yena Saule a ya ha hae Gibea, a ena le sehlopha sa batho bao dipelo tsa bona di amilweng ke Jehova.


Manqosa ao a tla Gibea, ho Saule, a bolella setjhaba taba tseo; mme setjhaba sohle sa phahamisa lentswe, sa lla.


Saule le Jonathane, mora hae, le setjhaba se fumanweng se sa setse ho bona, ba itulela Gibea wa Benjamine, Bafilesta ba ntse ba emisitse Mikmashe.


Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.


Mohlang oo, ba qhobosheaneng ya Bafilesta ba tswela lekgalong la Mikmashe.


Haele Saule, o ne a ntse a dutse pheletsong ya Gibea, tlasa sefate sa garanata, se leng Migrone, setjhaba se dutseng ho yena e batla e le batho ba makgolo a tsheletseng.


Dipakeng tsa makgalo ao Jonathane a tla leka ho tshelela ho ya qhobosheaneng ya Bafilesta, ka kwano lefika le ne le le teng, le ka nqane lefika le ne le le teng, lebitso la le leng e le Botsetse, lebitso la la bobedi e le Sene.


Ntlha ya le leng e ne e tadimile leboya, malokana le Mikmashe, ya la bobedi e ne e tadimile borwa, malokana le Gibea.


Jwale, Samuele a ikela Rama, Saule yena a ya ha hae Gibea wa Saule.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos