Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:25 - BIBELE

25 Metsana ya yona ke ena: Gibeone, le Rama, le Beerote,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hape, ke Gibeone, Rama, Beerothe;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:25
25 Referencias Cruzadas  

Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.


Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine.


Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang ho Asa, kgosi ya Juda.


Morena a iponahatsa ho Solomone kgetlo la bobedi, jwalokaha a ne a iponahatse ho yena ha a le Gibeone.


Jeiele, mothei wa Gibeone, o ne a ahile Gibeone. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.


ba tswang Rama le Geba e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a motso o mong;


le Hasore, le Rama, le Gitaime,


Ha se etswa lekgalong sa re: “Bosiung bona ke tla ya emisa Gobe.” Rama e tetemisa dirope, e a thothomela, Gibea ya Saule yona e a baleha.


Morena o tla hlaha sa mohla thabeng ya Perasime, kgalefo ya hae e tlokome, sa mohla Kgohlong ya Gibeone, a phethe mosebetsi wa hae o hlollang haholo, a phethe ketso tsa hae tse tsotehang haholo.


Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”


Mantsiboya ha tla monna wa morui ya bitswang Josefa wa Arimathea, eo le yena e neng e le morutuwa wa Jesu.


A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.


le Sanowa, le Ene-Gannime, le Tapua, le Ename,


le Kefare-Amoni, le Ofeni, le Geba. Ke metse e leshome le metso e mmedi.


le Misepa, le Kefira, le Mosa,


Jwale moedi o thinyetse Rama, o yo fihla motseng o haheleditsweng wa Tire; ebe o thinyetsa Hosa, o ya fella lewatleng, ho tloha Mehebele ho ya Akasibe,


Naheng ya morabe wa Benjamine ya eba Gibeone le makgulo a yona, le Geba le makgulo a yona,


Malapa a Juda a atametswa, yaba o kgetha lelapa la Sera. Banna ba lelapa la Sera ba atametswa ka bomong, yaba ho kgethwa Sabedi.


Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.


Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,


Monga hae a re ho yena: “Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla fetela Gibea.”


A re ho mohlanka wa hae: “Tloo, re ye ho se seng sa dibaka tsena; re tla robaletsa Gibea kapa Rama.”


Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.


Bo-Elekana le Anna ba tsoha ka madungwadungwana, ba kgumamela Morena, ba kgutla, mme ba fihla tlung ya bona e Rama. Elekana a kena dikobong tsa Anna, mohatsa hae, mme Morena a mo hopola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos