Pelong ya ka o nneile nyakallo e fetisang ya bona, mohla mabele a ba atetseng le veine.
Joele 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho. BIBELE Fate tsa morara di se di omeletse, fate tsa feiye tsona di ponne, fate tsa kgarenate, tsa palema le tsa diapole: Difate tsohle tsa naha di omeletse. Ruri batho ba feletswe ke monyaka. |
Pelong ya ka o nneile nyakallo e fetisang ya bona, mohla mabele a ba atetseng le veine.
Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me.
Mahlomela a hao ke tshimo ya difate tsa kharanata tse ditholwana tse monate, le dikiprese le dinareda.
Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati.
Ho bokollwa diterateng hobane veine e se e le siyo, thabo yohle e hlokahetse, nyakallo ya naha e faletse.
O atisitse setjhaba, o se sitsitse ka thabo e kgolo; ba tla thaba pontsheng ya hao, jwalokaha ho thajwa mohla kotulo, le jwalokaha ho thauthwa dithepa tsa kgapo.
Thabo e tlositswe le nyakallo naheng ya nala le lefatsheng la Moabe. Ke fedisitse veine dihatelong, ha ba sa hata ka pina; ke mokgosi, ha e sa le pina.
Naha e senyehile, lefatshe le swabile, hobane koro e sentswe, merara e omeletse, difate tsa ole di ponne.
Na dijo ha di a tloswa pela mahlo a rona? Thabo le nyakallo na ha di a tloswa tlung ya Modimo wa rona?
Mme Jonase a thaba haholo ka baka la monyaku oo. Empa hosasane, ha ho esa, Modimo wa hlahisa seboko, sa phunya monyaku, wa ba wa omella.
Na peo e sa le teng modikong? Esita morara, le feiye, le garanata, le mohlwaare, ha di a ka tsa beha ... Empa ho tloha tsatsing lena, ke tla le hlohonolofatsa.
Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.
Ba tswela pele, ba ba ba fihla sekgutlong sa Eshkole; teng ba ekga lekala le nang le lesihla le le leng feela la morara, mme ba babedi ba le jara ka sefate; hape ba ekga digaranata le difeiye.