Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Na peo e sa le teng modikong? Esita morara, le feiye, le garanata, le mohlwaare, ha di a ka tsa beha ... Empa ho tloha tsatsing lena, ke tla le hlohonolofatsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Na ho sa na le peo e setseng ka sesiung? Ho fihlela jwale difate tsa morara, le tsa feiye, le tsa dikgarenate, le tsa mohlwaare, ha di eso behe ditholwana! “ ‘Ho tloha ka tsatsi lena, ke tla le hlohonolofatsa.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Haggai 2:19
19 Referencias Cruzadas  

Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.


Na o tla e tshepa hore e tlise mabele a hao hae, le ho a thotha seotlong sa hao na?


Ho jwaloka phoka ya Hermone, e theohelang dithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.


Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!


Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.


Ke tla kgorisa meya ya baprista mafura, mme setjhaba sa ka se tla kgora menate ya ka, ho bolela Jehova.


Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.


Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.


mme ke bitsitse komello ho aparela lefatshe le dithaba le koro le veine le ole le tsohle tse bewang ke naha, le batho le diphoofolo le mosebetsi wohle wa matsoho.


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


O mo fe hle, mme pelo ya hao e se belaele ha o mo fa; hobane ka baka la taba eo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing ya hao yohle, le ditabeng tsohle tseo o tla bea matsoho a hao ho tsona.


Jehova o tla o otla ka lefu la matshwafo, ka febere, ka lefu le fubisang, ka pabo e tjhesang haholo, ka lerumo, ka komello, le ka phori; mme o tla lelekwa ke tsona, o be o timele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos