Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 16:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Masimong a dikgwiti thabo le monyaka ha di sa le yo, ha ho pina kapa mehoo masimong a lona a morara, ha ho ya tlhotlelang veine tlhotlelong sa hae, hoba mehoo ya lona ke nna ya e fedisitseng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 16:10
13 Referencias Cruzadas  

Ba hata ole mabaleng a bakgopo, ba sebetsa sehatelong sa veine, ba ntse ba eshwa ke lenyora.


Ho bokollwa diterateng hobane veine e se e le siyo, thabo yohle e hlokahetse, nyakallo ya naha e faletse.


Ho tla feta selemo se le seng se nang le matsatsi a mang, le ntoo tsieleha, lona ba iketlileng, hobane ho kgolwa ha merara ho tla ba siyo, ho ke ke ha kotulwa le ditholwana.


Thabo e tlositswe le nyakallo naheng ya nala le lefatsheng la Moabe. Ke fedisitse veine dihatelong, ha ba sa hata ka pina; ke mokgosi, ha e sa le pina.


Tsatsi la hao le tlile, wena ya ahileng lefatsheng lena; nako e tlile, letsatsi le atametse, ke la moferefere, e seng la pina e binwang dithabeng.


Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.


Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.


Le masimong wohle a merara dillo di tla ba teng, hobane ke tla feta mahareng a hao: ho bolela Jehova.


Bonang, matsatsi a ya tla, ho bolela Jehova, ao ya lemang a tla tshwara ya kotulang; le ya dubang ditholwana tsa morara ka maoto a tshwara ya jalang peo; mme veine e ntjha e tla phalla dithabeng, le maralla wohle a tla kolla.


Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.


Ba tswela naheng, ba kotula masimo a bona a merara, ba hata ditholwana tsa yona, ba etsa dinyehelo; ba kena tlung ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos