Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Pokollo e utlwahala Horonaime, ke tshenyo le kotlo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Sello se tla utlwahala se etswa Horonaime, sello sa tshenyo e kgolo le nanaola.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:3
12 Referencias Cruzadas  

Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.


Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.


Hobane mekgosi e potile naha ya Moabe; mehoo ya teng e utlwahala Eglaime, dillo di fihlile Beer-Elime.


Ke hona ke reng: Ntloheleng, ke tle ke lle habohloko: se phehelleng ho ntshedisa, ha ke lla ka tshenyeho ya moradi wa setjhaba sa ka!


Motho eo a ke a be jwaloka metse eo Jehova a e heletsang, a sa e hauhele; a ke a utlwe mehoo e sa le hosasasasa, le mokgosi nakong ya motshehare.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,


Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.


Moabe o robakilwe, mohoo wa ba banyenyane ba hae o a utlwahala.


Hobane moepeng wa Lukithe, ba lla le ho lla, hobane motheong wa Horonaime ho utluwa mohoo wa tshenyo ya dira.


Lentswe la pokollo le tswa Babilona, le la tshenyo e kgolo lefatsheng la Bakalde.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos