Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.
Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime.
Motho eo a ke a tshwane le metse, metse eo Morena a ileng a e timetsa ho se mohau. Motho eo a ke a utlwe dillo e sa le ka matjeke, mokgosi wa ntwa a o utlwe ha tadi e anyesa,
Morena o bua tjena: “Metsi ke ao, a phorosela ho tswa leboya, a tla ka sekgahla se kang sa sekgohola, a tla aparela naha le tsohle tse ho yona, a aparele metse le baahi ba yona bohle. Banna ba tla tshoha ba hlabe mokgosi, baahi bohle ba naha bona ba bokolle,
“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.