Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 24:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ho bokollwa diterateng hobane veine e se e le siyo, thabo yohle e hlokahetse, nyakallo ya naha e faletse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Diterateng tsohle batho ba llela veine, menyaka yohle le yona e se fedile, lefatsheng lohle medidietsane ha e sa utlwahala.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 24:11
18 Referencias Cruzadas  

marole a rona ha a tswala, mme dikgeo, le ho patelwa, le mekgosi mapatlelong a rona di le siyo:


Jwala bo tahang le bo nee motho ya ya timela, le veine le e nose motho ya pelo e hlomohileng;


Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati.


Ho tla feta selemo se le seng se nang le matsatsi a mang, le ntoo tsieleha, lona ba iketlileng, hobane ho kgolwa ha merara ho tla ba siyo, ho ke ke ha kotulwa le ditholwana.


Dibajwa le meutlwa di tla mela naheng ya setjhaba sa ka, le hodima matlo a thabo kaofela a motse wa menyaka.


leha se leba fatshe, e tla ba tsieleho le lefifi le matswalo a tshabehang, mme se tla tebela botshong.


Lefatshe le tjha ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, mme setjhaba se ba jwaloka dipatsi tse entsweng dijo tsa mollo; ha ho motho ya tla hauhela ngwanabo.


Juda o a lla, diphutheho tse dulang dikgorong tsa metse ya hae di fokotse, di ituletse, lefatshe le swabile, mme mohoo wa Jerusalema o a nyoloha.


Ditjhaba di utlwa tsa dihlong tsa hao, lefatshe le dumaella pokollo ya hao, hobane mohale o otlanya mohale e mong, ba wela hammoho ba babedi.


Thabo e tlositswe le nyakallo naheng ya nala le lefatsheng la Moabe. Ke fedisitse veine dihatelong, ha ba sa hata ka pina; ke mokgosi, ha e sa le pina.


Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.


Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.


Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos