Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ke tla thibela ditsie, di se ke tsa senya dijalo tsa lona masimong, le ditholwana tsa morara wa lona di se ke tsa phutsa,” ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 3:11
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba qeta, ho bolela Jehova, ho tle ho hlokehe tholwana merareng, leha e le feiye difateng, mahlaku a omelle; mme seo ke ba neileng sona se tla ba phonyohela.


Mohlang oo, ke tla utlwa, ho bolela Jehova, ke utlwe mahodimo, wona a utlwe lefatshe,


Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.


Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.


Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse.


Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.


Se tshabeng, lona diphoofolo tsa naha, hobane makgulo a nahathothe a se a tla ba matala; sefate se tla beha ditholwana tsa sona, feiye le morara di hlahise monono wa tsona.


ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.


Ke ne ke otle koro ya lona ka phori le boroku; masimo a lona a mangata a difate le a merara, le difeiye tsa lona, le mehlwaare ya lona ya jewa ke tsie, mme leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.


mme ke bitsitse komello ho aparela lefatshe le dithaba le koro le veine le ole le tsohle tse bewang ke naha, le batho le diphoofolo le mosebetsi wohle wa matsoho.


ke le otlile ka phori, le ka boroku, le ka sefako, mesebetsing yohle ya matsoho a lona, empa ha ho e mong ho lona ya kgutletseng ho nna, ho bolela Jehova.


Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.


ke tla nesetsa naha ya lona pula, nakong e tshwanelehang, pula ya tsheola le pula ya hwetla, o tle o kotule koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos