Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 3:10
35 Referencias Cruzadas  

lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.


Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.


Tona eo e ne e fetotse monna wa Modimo, ya re: Le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo na e ne e ka etsahala na? Elisha a re: Bona, o tla bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Ho Balevi, Akija a bewa molebedi wa matlotlo a ntlo ya Modimo le wa matlotlo a ntho tse halalelang.


Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.


Mehleng ya Sorobabele, le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba ntsha dikabelo tsa dibini le tsa balebedi ba menyako, kamoo ho tshwanelang ho ntshwa kateng, ka tsatsi le leng le le leng; dintho tse halalelang di ne di newa Balevi, Balevi bona ba ne ba nea bana ba Aarone dintho tse halalelang.


o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista.


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


Leha ho le jwalo, wa laela maru hodimo, wa bula menyako ya mahodimo;


Ereha maru a tletse pula, a ye a e tshollele lefatsheng; leha sefate se wela nqa borwa, kapa nqa leboya moo se welang teng, ke hona moo se dulang teng.


Bona le ba ka mathoko ho leralla la ka, ke tla ba etsetsa hlohonolofatso; ke tla nesa pula ka nako ya yona; dikgohola di tla ba teng tsa mahlohonolo.


Dilopotsiya tsa ditholwana tsa pele tsa ntho tsohle, le dikabelo tsohle tseo le di abelang Modimo, e tla ba tsa baprista; le tla nea baprista le hlama ya lona ya pele, hore le tlise lehlohonolo matlung a lona.


Mohlang oo, ke tla utlwa, ho bolela Jehova, ke utlwe mahodimo, wona a utlwe lefatshe,


Jehova a arabela setjhaba sa hae, a re: Bonang, ke se ke le romela koro le veine le ole, le tle le kgore ke tsona; ha ke sa tla le etsa ba hlomphollwang hara ditjhaba.


Diotlo di tla tlala koro, ho kgaphatsehe dinkgo tse tletseng veine le oli;


Le tla ja dikotulo tsa kgale, mme le tla tlosa tsa kgale ho suthela tse ntjha.


Ekare ha le latela ditaelo tsa ka, mme le boloka melao ya ka, le ya ka yona,


Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.


Na peo e sa le teng modikong? Esita morara, le feiye, le garanata, le mohlwaare, ha di a ka tsa beha ... Empa ho tloha tsatsing lena, ke tla le hlohonolofatsa.


Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.


O kgethisise karolo ya leshome ya dintho tsohle tse hlahiswang ke peo tsa hao, tse melang masimong a hao ka selemo se seng le se seng.


Jwale Molevi ya se nang kabelo le lefa jwaloka wena, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba metseng ya hao, ba tla tla, mme ba je, ba kgore; Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao, eo o e etsang.


Jehova o tla o bulela letlotlo la hae le molemo la mahodimo, a nesetse lefatshe la hao pula nakong ya teng, a hlohonolofatse mesebetsi yohle ya matsoho a hao; o tla namelwa ke ditjhaba tse ngata, empa wena ha o ka ke wa nama.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos