Yaba Abimeleke o laela setjhaba kaofela hore: Ya ka amang monna enwa, kapa mosadi wa hae, o tla bolawa.
Jobo 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng. BIBELE Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!” |
Yaba Abimeleke o laela setjhaba kaofela hore: Ya ka amang monna enwa, kapa mosadi wa hae, o tla bolawa.
Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.
Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.
Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.
Nkgauheleng, nkgauheleng, lona metswalle ya ka, hobane letsoho la Modimo ke lona le nkotlileng.
Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela.
O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng.
Yaba Satane o tloha pela Jehova, mme a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa hara hlooho.
Mosadi wa hae a re ho yena: Na o sa tiiseditse tokeng ya hao na? Rohaka Modimo, mme o shwe!
Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.
setjhaba sa ba nkgalefisang kamehla pontsheng, ba etsang mahlabelo dirapeng, ba tjhesang dibano dialetareng tsa makote;
Se tla solla lefatsheng hara hloreho le tlala; ha se lapa, se tla fellwa ke pelo, se rohake morena wa sona le Modimo wa sona; leha se lelala hodimo,
Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae;
Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.
Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko a bona le la dibebe tsa bona, empa ha ba ka ba baka diketsong tsa bona.
Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo.
Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.