Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Satane o tloha pela Jehova, mme a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa hara hlooho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba Satane o tloha kapele ho Modimo, o etsa hore Jobo a berehe diso ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla kahodima hlooho.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:7
14 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho se motho hohle Iseraeleng, ya tumileng ka botle ba hae, jwaloka Absalome; ho tloha bohatong ba maoto, ho isa hara hlooho, ho ne ho se kodi ho yena.


Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.


O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng.


athe ke pherehlana jwaloka ntho e jelweng ke diboko, jwaloka kobo e jewang ke tshwele?


Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae.


Letlalo la ka le ntshofetse, le a foforeha, masapo a ka a tjhesa ke febere.


Nama tsa ka di apesitswe ke diboko le ke makgapa a mobu, letlalo la ka le tswa dipetlane, le boele le tswe boladu.


Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.


ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.


Jehova o tla o otla ka mofetshe wa Egepeta le ka dithopane, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho le ke keng la fola.


Jehova o tla o otla mangoleng le diropeng tsa hao ka diphatshwa tse bohlokohloko tse ke keng tsa fola, ho qala bohatong ba leoto ho isa hara hlooho.


Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko a bona le la dibebe tsa bona, empa ha ba ka ba baka diketsong tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos