Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:7 - BIBELE

7 Yaba Satane o tloha kapele ho Modimo, o etsa hore Jobo a berehe diso ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla kahodima hlooho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Satane o tloha pela Jehova, mme a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa hara hlooho.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:7
14 Referencias Cruzadas  

Naheng yohle ya Iseraele ho ne ho se monna e motle, ya babatsehang jwaloka Abosalome. O ne a hloka sepha ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla hloohong.


“Morena a re ho wona: ‘Jwang?’ “Wa araba, wa re: ‘Ke tla ya, ke rute baporofeta bohle ba hae ho bua leshano.’ “Morena a re: ‘O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!’


Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!”


“Kahoo motho o motela sa ntho e bodile, o naphoha sa kobo e jelwe ke tshwele.”


Morena a re ho Satane: “Ho lokile, o matsohong a hao, feela o baballe bophelo ba hae.”


Tlalo la ka le letsho ke ho kgakgapheha, masapo a ka a a tjhesa ke ho opelwa.


Diboko le kgoho tsa mobu di nkgometse, tlalo la ka le dipekane, le petla boladu.


Ha ho bophelo ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hloohong, ke maqeba le matetetso le diso tse petlang, ha di eso hlatsuwe kapa tsa tlamiswa, le ho tlotswa ka ole ha di eso tlotswe.


Kahoo Morena o tla kgophosa hlooho tsa bona, hlooho tsa bona a di phumole mafatla.”


“Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.


Morena o tla o otla ka mathopa a tla o tswa mangweleng le ditlhafung, a ke keng a phekolwa. A tla o bereha ho tloha bohatong ba leoto, ho ya fihla hara hlooho.


Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos