Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:6 - BIBELE

6 Morena a re ho Satane: “Ho lokile, o matsohong a hao, feela o baballe bophelo ba hae.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:6
15 Referencias Cruzadas  

“Wa araba, wa re: ‘Ke tla ya, ke etse hore baporofeta bohle ba hae ba bue leshano.’ “Morena a re: ‘O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!’


Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!”


Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.


Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa ama masapo a hae le nama ya hae, o tla o rohaka sefahlamahlo!”


Yaba Satane o tloha kapele ho Modimo, o etsa hore Jobo a berehe diso ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla kahodima hlooho.


Ka matla a hao o hlomile dithaba, o bontsha bonatla ba hao;


hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.


Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.


Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


Ha dilemo tse sekete di fetile, Satane o tla lokollwa tjhankaneng ya hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos