Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya, ke iketse moya wa leshano melomong ya baporofeta ba hae kaofela. A re ho wona: O tla mo thetsa, o be o hlole. Eya, o etse jwalo.
Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.
Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.
Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.
O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.