Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 16:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Batho ba tjheswa ke mocheso o moholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo o nang le matla hodima dikotsi tsena, mme ha ba ka ba baka ho mo tlotlisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Batho ba tjheswa ke mocheso o moholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo o nang le matla hodima dikotsi tsena, mme ha ba ka ba baka ho mo tlotlisa.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:9
20 Referencias Cruzadas  

Ha a ntse a bua le bona, e se e le lona lenqosa, le theohelang ka ha hae; le re: Bonang, kotsi ena e tswa ho Jehova: ana ke sa tla lebella eng ho Jehova?


Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.


Le ya nne le otlwe ho isa kae, haele moo le ntse le eketsa ho ikgantsha? Hlooho yohle e bohloko, pelo yohle e a kula.


Se tla solla lefatsheng hara hloreho le tlala; ha se lapa, se tla fellwa ke pelo, se rohake morena wa sona le Modimo wa sona; leha se lelala hodimo,


Kamora tshiu tse ngata, Jehova a re ho nna: Tloha, o ye Eufrate, o nke teng senyepa seo ke neng ke o laele hore o se pate teng.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.


Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.


Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.


Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.


Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.


la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo.


Ke mo file sebaka sa ho baka bohloleng ba hae, empa ha a ka a baka.


Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos