Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Lengeloi la bone la tshollela nkgo ya lona hodima letsatsi; mme letsatsi la newa matla a ho tjhesa batho ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Lengeloi la bone la qhalla lefiswana la lona hodima letsatsi, mme letsatsi la dumellwa ho tjhesa batho ka lebatama.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Lengeloi la bone la tshollela nkgo ya lona hodima letsatsi; mme sa newa matla a ho tjhesa batho ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Lengeloi la bone la tshollela nkgo ya lona hodima letsatsi; mme sa newa matla a ho tjhesa batho ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:8
11 Referencias Cruzadas  

Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.


Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Letsatsi ha le tjhaba, tsa pona; mme tsa etjha ke ho hloka metso.


Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.


Letsatsi le tla fetolwa lefifi, le kgwedi e fetolwe madi, tsatsi la Morena le leholo, le kganyang, le eso ho tle.


Le leng hape lengeloi la tswa aletareng, le ena le matla hodima mollo, mme la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho le nkileng sekele e bohale, la re: Akgela sekele ya hao e bohale, mme o kge merara ya lefatshe, hobane ditholwana tsa yona di butswitse.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; letsatsi la eba letsho jwaloka mokotla wa boditse, mme kgwedi ya eba jwaloka madi.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; ha ba sa tla hlola ba batwa ke letsatsi, leha e le ke lebatama le leng;


Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona; mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi, e le hore ho fifale karolo ya boraro ya ntho tseo, mme ho fifale le karolo ya boraro ya lesedi la motshehare le la bosiu.


mme ya kwaholla sekoti sa dihele, mme ha tswa sekoting mosi o kang mosi wa sebopi se seholo; mme letsatsi le sebaka tsa fifatswa ke mosi o tswang sekoting.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos