Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko a bona le la dibebe tsa bona, empa ha ba ka ba baka diketsong tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Mme ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la bohloko ba bona le ka baka la diso tsa bona, mme ha ba ka ba bakela diketso tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mme ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la bohloko ba bona le ka baka la diso tsa bona, mme ha ba ka ba bakela diketso tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:11
20 Referencias Cruzadas  

Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.


Ho itswe ke Siruse, morena wa Persia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda. Hara lona bohle, mang le mang eo e leng wa setjhaba sa hae, Jehova, Modimo wa hae, a be le yena, mme a nyolohe!


Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


ba tle ba tsebe ho ntshetsa Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate; hape ba rapelle ho phela ha morena le ha bara ba hae.


Ha thwe: Ke le Artakserksese, morena wa marena, ke ngolla Esdrase, moprista le mongodi ya phethehileng molaong wa Modimo wa mahodimo. Jwalojwalo.


Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,


Tsohle tse laetsweng ke Modimo wa mahodimo di ke di etsetswe ntlo ya Modimo wa mahodimo ka mokgwa o phethehileng, hore kgalefo ya wona e tle e se ke ya eba hodima mmuso le morena le bara ba hae.


Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,


Yaba morena o re ho nna: Kopo ya hao o kopang?


Rorisang Modimo wa mahodimo! Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


A re ho bona: Ke Moheberu, mme ke tshaba Jehova, Modimo wa mahodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.


Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.


Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.


La pele la ya, mme la tshollela nkgo ya lona lefatsheng, mme ba nkileng letshwao la sebata, le ba rapelang setshwantsho sa sona, ba tswa dibebe tse mpe, tse bohloko boselesele.


Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo.


Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.


Ke mo file sebaka sa ho baka bohloleng ba hae, empa ha a ka a baka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos