Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 16:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Euferatese; mme metsi a teng a psha, ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Euferatese; mme metsi a teng a psha, ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabela.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:12
15 Referencias Cruzadas  

Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.


Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.


Ke tla senya dithaba le maralla, ke omise botala ba tsona kaofela; ke tla fetola dinoka naha e thata, ke pshese madiba.


ke reng ho bodiba: Psha, mme ke tla pshesa dinoka tsa hao;


Ke bitsa ntsu botjhabela, le lefatsheng le hole ke lata ya tlang ho phetha morero wa ka. Ke boletse, mme ke tla etsa; ke rerile, mme ke tla phetha.


ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla o emela kgotla, ke o pheteletse; ke tla omisa letsha la hae, ke pshese sediba sa hae.


Kotsi ya bobedi e fetile, empa bonang, kotsi ya boraro e latela haufi.


Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.


Ka bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabatsatsi, le tshwere letshwao la Modimo o phelang; la phahamisa lentswe, le howeletsa mangeloi a mane a neng a neilwe taelo ya ho senya lefatshe le lewatle,


la re ho lengeloi la botshelela, le tshwereng terompeta: Lokolla mangeloi a mane a holehilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos