Isaia 65:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 setjhaba sa ba nkgalefisang kamehla pontsheng, ba etsang mahlabelo dirapeng, ba tjhesang dibano dialetareng tsa makote; Ver CapítuloBIBELE3 Ke tjhaba se mphephetsang kamehla ke se shebile, se etsetsang mahlabelo ka dirapeng, se tjhesetsang mokubetso hodima aletare ya ditene. Ver Capítulo |
Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,
Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.