Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Se tla solla lefatsheng hara hloreho le tlala; ha se lapa, se tla fellwa ke pelo, se rohake morena wa sona le Modimo wa sona; leha se lelala hodimo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Batho ba tla lelera lefatsheng ba tsielehile, ba lapile, mme etlare ha ba lapile ba pote, ba tadime hodimo, ba rohake kgosi ya bona le Modimo wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 8:21
25 Referencias Cruzadas  

Ka la boroba mono o le mong la kgwedi ya bone, tlala e ne e le kgolo motseng, ho se ho se bohobe bo saletseng setjhaba sa teng.


Ha a ntse a bua le bona, e se e le lona lenqosa, le theohelang ka ha hae; le re: Bonang, kotsi ena e tswa ho Jehova: ana ke sa tla lebella eng ho Jehova?


O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng.


Tlala e mo fedisa matla, tshenyeho e mo tshwere lehlakoreng.


O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng.


Mosadi wa hae a re ho yena: Na o sa tiiseditse tokeng ya hao na? Rohaka Modimo, mme o shwe!


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


Bowatla ba motho bo mo kgelosa tsela, eba pelo ya hae e hlonamela Jehova!


Bahloki ba hlokang haholo ba tla kgora, bafumanehi ba phomole ka kgotso; empa ke tla timetsa motso wa hao ka tlala, ho setseng ho wena ho tla bolawa.


O hlahetswe ke kotsi tse pedi; o tla tshediswa ke mang? Tshenyeho le lesupi, tlala le lerumo: ke tla o tshedisa jwang?


Ke ka baka leo tokiso e leng hole le rona, mme ho loka ho sa fihle ho rona; re lebeletse lesedi, mme bonang, ke lefifi; re lebeletse kganya, mme re tsamaya botshong.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


Ba lobela ka ho le letona, leha ho le jwalo ba shwa ke tlala; ba ja ka ho le letshehadi, empa ha ba ke ba kgora, e mong le e mong o ja nama ya letsoho la hae;


Manasse o ja Efraime, Efraime o ja Manasse, ba ntoo kopana hammoho ho ja Juda. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ha ke tswela naheng, ho bonwa ba bolailweng ke lerumo; leha ke kena motseng, ho bonwa ba shwang ke tlala; hape, haele moporofeta le yena moprista, ba lelera naheng eo ba sa e tsebeng.


Ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong, tlala e be e le kgolo motseng; ho ne ho se bohobe ho setjhaba sa lefatshe.


Mora wa mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Jehova, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri, wa leloko la Dane.


Mohlang oo, le tla lla ka baka la morena wa lona eo le ikgethetseng yena, empa Jehova a ke ke a le utlwa mohlang oo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos