Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 8:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 8:20
29 Referencias Cruzadas  

A re keng re hlabe selekane le Modimo wa rona, sa ho kgutlisa basadi bao bohle le bana ba tswetsweng ke bona, jwalokaha ho eleditse monghadi wa ka le ba thothometswang ke molao wa Modimo wa rona, mme hona ho ke ho etswe ka molao.


Tshenolo ya mantswe a hao e a edisa, e nea dithoto kutlwisiso.


O beetse Jakobo bopaki, o beile molao Iseraeleng, oo a laetseng bontata rona hore ba o tsebise bana ba bona,


Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.


Marena a Sodoma, utlwang lentswe la Jehova, le sekehele molao wa Modimo wa rona ditsebe, lona tjhaba sa Gomorra!


Phutha bopaki boo, o tiise thuto eo ho barutuwa ba ka.


leha se leba fatshe, e tla ba tsieleho le lefifi le matswalo a tshabehang, mme se tla tebela botshong.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?


A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.


Ka baka leo, le tla hlahelwa ke bosiu, e seng ke pono, le ke lefifi, e seng ke tshenolo; letsatsi le tla phirimela baporofeta, lesedi la motshehare le fifale hodima bona.


Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.


Empa Jesu a araba, a re ho bona: Le lahlehile ke hobane ha le tsebe Mangolo le matla a Modimo;


Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Mme jwale, ha lesedi le leng ho wena e le lefifi, lefifi leo e tla ba le lekakang!


A ba araba, a re: Moshe o le laetseng?


A re ho yena: Na ho ngodilweng molaong? O balang teng?


Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang.


Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?


Ba ntse ba re ba bohlale, ba fetohile mahlanya.


Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;


Hobane eo ntho tseo di leng siyo ho yena, o foufetse, ha a bonele hole, mme o lebetse phekolo ya dibe tsa hae tsa pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos