5 Jwale, wena, ha tsietsi e o hlahetse, o a fokola! Jwale, ha e o amile, o a thethelwa!
5 Jwale ha tsietsi e o tlela o a nyahama; ere e o fihlela ebe o a thethelwa!
O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng.
Nkgauheleng, nkgauheleng, lona metswalle ya ka, hobane letsoho la Modimo ke lona le nkotlileng.
O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng.
lentswe la hao le emisitse ba kgothometsehang, mme o tiisitse mangole a tetemang.
Motswalle wa ya swabileng e ka kgona a mmontshe lerato; ha ho se jwalo a ka tshoha a lesa ho tshaba Ya matla wohle.
Jehova, ka ba ka howa ho wena, ka beela Jehova thapedisiso ya ka, ka re:
Ha o tepella mohla tsietsi, matla a hao a manyenyane.
Ka baka leo, ha re ntse re ena le tshebeletso eo ka mohau o re hlahetseng, ha re tepelle.
Ka baka leo, ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a ntse a senyeha, motho wa kahare, yena, o ntse a ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.
Le fele le lemohe ya mameletseng kganyetso e kalo ya baetsadibe, le tle le se ke la kgathala ke ho fellwa ke dipelo.
Mme le lebetse kgothatso ya Modimo kamoo o buang le lona kateng, ka ho re, le bana ba wona, ha o re: Mora wa ka, se nyatse tayo ya Morena, mme o se ke wa tepella ha o kgalemelwa ke yena;