Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.
Jeremia 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena. BIBELE A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha. |
Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.
A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.
A leleka baprista ba ditshwantsho ba neng beilwe ke marena a Juda ho tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, metseng ya Juda, le mathokong a Jerusalema; a leleka le ba tjhesetsang Baale, le letsatsi le kgwedi, le dihlopha tsa dinaledi, le makgotla wohle a lehodimo dibano.
Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.
O etse mahosana a bona a be jwaloka Orebe le Seebe, le marena a bona kaofela a be jwaloka Seba le Tsalmunna;
Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;
Haele setjhaba seo baporofeta ba ntseng ba se porofetela, ba tla rapalletswa diterateng tsa Jerusalema ke tlala le ke lerumo, ho hlokehe ya ba epelang, bona, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona; mme ke tla ba tshollela bobe ba bona.
O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.
Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.
Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.
Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.
O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.
Tsatsing leo, ba hlabilweng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, ba sa llelwe, ba sa phuthelwe, ba sa epelwe; e tla ba moitedi hodima lefatshe.
Kgohlo yohle ya ditopo le ya molora, le sebaka kaofela ho isa molatswaneng wa Kedrone ho fihla koung ya monyako wa Dipere, ka nqa botjhabela, e tla ba tse kgethetsweng Jehova; ha ho sa tla ripitlwa, ha ho sa tla senngwa le ka ho sa feleng.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, morena wa Juda: A ke ke a ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida, mme setopo sa hae se tla lahlelwa kantle komellong ya letsatsi le serameng sa bosiu.
Ka baka leo, basadi, mamelang lentswe la Jehova, ditsebe tsa lona di ke di amohele lentswe la molomo wa hae; le rute baradi ba lona ho bina pina ya bofifi, motho a rute wa habo kodiyamalla.
Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.
Ere: Ho itswe ke Jehova: Le ditopo tsa batho di tla wa, di be jwaloka moitedi naheng, le jwaloka diqwapi tseo mokotudi a di siileng, ho se ya di thonakang.
Ke tla o lahlela lefeelleng, wena le dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao; o tla wela masimong; ha o ka ke wa phuthwa, leha e le ho bokellwa, mme ke tla o neela dibatana tsa naha le dinonyana tsa lehodimo, ho ba dijo tsa tsona.
Ke tla bea ditopo tsa bana ba Iseraele pela ditshwantsho tsa bona, ke qhalanye masapo a lona pela dialetare tsa lona.
Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.
Ke tla bea batho tlokotsing, mme ba tla tsamaya jwaloka difofu, kahobane ba sitetswe Jehova; madi a bona a tla tshollwa jwaloka lerole, le nama ya bona jwaloka bolokwe.
le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;
Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na?
leha e le ya yang ho sebeletsa le ho kgumamela medimo esele, leha e ka ba letsatsi, kapa kgwedi, kapa makgotla wohle a dinaledi tsa lehodimo, e leng taba eo ke sa kang ka o laela yona;
Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.