Jeremia 14:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)16 Haele setjhaba seo baporofeta ba ntseng ba se porofetela, ba tla rapalletswa diterateng tsa Jerusalema ke tlala le ke lerumo, ho hlokehe ya ba epelang, bona, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona; mme ke tla ba tshollela bobe ba bona. Ver CapítuloBIBELE16 “Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona. Ver Capítulo |
a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.