Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 14:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 “Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana: “ ‘Mahlo a ka a ke a keleketle dikeledi, di keleketle bosiu le motsheare, di keleketle di se ke tsa kgaotsa, hoba moradi wa morwetsana, e leng tjhaba sa ka, o qhemeditswe, a etswa ditsekana, maqeba a hae ha a ka ke a fola.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 14:17
20 Referencias Cruzadas  

Ke ena taba eo Jehova a e boletseng bakeng sa hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokoletsa hlooho.


Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!


O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.


ke ena taba eo Jehova a e bolelang hodima hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokolletsa hlooho.


Jo! jo nna! ke robehile! Leqeba la ka hase le ho nqeta! Empa ka re: Kannete, ke lona lefu la ka, e ka kgona ke nne ke le mamelle.


Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.


Ha ho le jwalo, Jehova o re: Botsisisang ditjhaba jwale, hore na e mong o teng ya utlwileng tse kale ka tseo? Morwetsana wa Iseraele o entse ketso e tshabehang haholo.


Tshediso ya ka bohlokong ba ka ke efe? Pelo ya ka e fela ka ho nna.


Ke bohloko ke leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ke na le bofifi, ke tshwerwe ke bolokwana.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


ba akofe, ba re binele kodiyamalla, mahlo a rona a tle a tswe meokgo, dintshi tsa rona di tsholle metsi.


Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.


Na ke tla o bolella dife? Kapa nka o tshwantsha le eng, moradi wa Jerusalema? Ke tla o bapisa le eng, ke tle ke o tshedise, morwetsana, moradi wa Sione? Hobane tshenyeho ya hao e kgolo, e kaa ka lewatle; ke mang ya ka o fodisang?


Pelo tsa bona di howeletsa ho Morena ... Lerako la moradi wa Sione, tsholla meokgo motshehare le bosiu jwaloka hoja o le noka, o se ke wa phomola, thaka ya leihlo la hao e se ke ya lesa ho lla.


O wele, ha a sa tla boela a eme, morwetsana wa Iseraele; o dihetswe fatshe; ha ho ya mo tsosang.


Haele nna, ke se ke ya o otla habohloko, ke o senye ka baka la dibe tsa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos