Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 14:16 - BIBELE

16 “Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Haele setjhaba seo baporofeta ba ntseng ba se porofetela, ba tla rapalletswa diterateng tsa Jerusalema ke tlala le ke lerumo, ho hlokehe ya ba epelang, bona, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona; mme ke tla ba tshollela bobe ba bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 14:16
23 Referencias Cruzadas  

kahoo ba tla kotula seo ba se jetseng, ba kgore ditholwana tsa ditakatso tsa bona.


Baahi ba hao ba akgehile, ba rapaletse dihukung, hukung tsa diterata tsohle, ba jwaloka kgama e tshwasitswe lerabeng. Ba pipitletswe ke kgalefo ya Morena, le yona kgalemo ya modimo wa hao.


Baetapele ba tjhaba sena ba a se kgelosa, ebe ba tsamaiswang bona ba a timela.


‘Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.’ ”


Etsa hore bana ba bona ba bolawe ke sekoboto, madi a bona a tshollwe ke sabole, basadi ba bona ba shwelwe ke bana ba bona, basadi ba bona e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu la sewa, bahlankana ba bona ba bolaelwe ntweng ka sabole.


Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.’ ”


Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.”


“Boitshwaro ba hao le diketso tsa hao ke tsona tse tlisitseng tsena, tsa di tlisa ho wena; bona ke bona bokgopo ba hao. Bona kamoo bo babang kateng! Kamoo bo o kenang pelong kateng!”


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka.


“ ‘Ka nako eo, ho rialo Morena, masapo a dikgosi tsa Juda le masapo a mahosana, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema a tla epollwa mabitleng a wona.


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


“Lona basadi utlwang lentswe la Morena, polelo tsa hae le di sekehele tsebe. Rutang baradi ba lona ho bokolla, le rutane ho bina kodi-ya-malla:


“Bolelang hore Morena o bua tjena: Topo tsa banna di tla rapalla fatshe, di ke kgapane e qhalane hara masimo, di ke ditlhaka ha di helwa ke mokotudi, di rapalle ho se ya ka di phuthang!”


“ ‘Etlare ha ho fetile dikgwedi tse supileng ho kgethwe banna ba tla potoloha le naha yohle, ho batla ditopo tse rapaletseng hara naha, ba di epele, e le hore naha e tle e hlweke.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”


Jwale ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang tempeleng le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le yo qhalla lefatsheng mafiswana a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos