Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 14:15 - BIBELE

15 Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: ‘Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.’ Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta bao ba porofetang ka lebitso la ka, kanthe ke sa ka ka ba roma, ba re: Lerumo le tlala ha di ka ke tsa eba teng lefatsheng lena; baporofeta bao ba tla timetswa ke lerumo le ke tlala.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 14:15
26 Referencias Cruzadas  

Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kahare ho ya ipata, ke mohla o tla tseba.”


Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.’ ”


“Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena.


Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.”


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.


“ ‘Ruri ke tla ba timetsa,’ ho rialo Morena. ‘Morara ha o ka ke wa ba le ditholwana, fate sa feiye se ke ke sa ba le ditholwana, mahlaku a sona le wona a tla pona, tseo ke ba fileng tsona di tla ba phonyoha!’ ”


Ke ipileditse ho baratuwa ba ka, empa ke bona ba ileng ba nkeka. Baprista le baetapele ba ka ba shwele, ba shweletse diterateng tsa motse, ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe, hore ba tle ba tsebe ho iphedisa.


“Oho, Morena, bona, ako inahane: Eo o kila mo etsa tjee ke mang? Na basadi ba lokela ho ja masea a bona, ba je bana bao ba ba hodisitseng? Na moprista le moporofeta ba lokela ho bolawa, ba bolaelwa ka Sehalalelong, Halalelong sa Morena?


Kahoo ke tla heletsa lerako lena, leo le le ditseng ka phepa, ke etse hore le qhemetsehele fatshe, e le hore motheo wa lona o tle o bonahale. Ha lerako lena le ewa, le tla le wela hodimo le le timetse, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Kgalefo ya ka ke tla e phethahatsa hodima lerako lena, le hodima ba ileng ba le dila ka phepa, ebe ke re ho lona: Lerako le wele! Le ba le ditseng ka phepa ba timetse,


Ke tla otla baporofeta ba bonang dipono tsa mafeela, ba porofetang mashano; ba ke ke ba eba le kabelo phuthehong ya setjhaba sa ka, kapa ba ngolwa diketsahalong tsa ntlo ya Iseraele, leha e le ho kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hore ke nna Morena.


Moporofeta eo le ya mmotsang ba tla jara kotlo ya bokgopo ba bona. Kotlo ya moporofeta e tla tshwana le kotlo ya ya mmotsitseng.


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Le teng haeba molebedi a bona ho futuhelwa setjhaba ka sabole, feela a sa letse lenaka ho hlabela setjhaba mokgosi, eba motho e mong o bolawa ka sabole, motho eo o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, empa madi a motho eo wona ke tla a batla ho molebedi eo.’


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Morena o bua tjena: “Baporofeta bana tjhaba sa ka ba a se kgelosa, ba re ‘kgotso’ ho motho ya ntshang diphomoso, ba lwane ya kgumamela le ya se nang tsona.”


Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos