Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mohlang oo, ho bolela Jehova, masapo a marena a Juda, le masapo a matona a hae, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema, a tla ntshwa mabitleng a bona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “ ‘Ka nako eo, ho rialo Morena, masapo a dikgosi tsa Juda le masapo a mahosana, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema a tla epollwa mabitleng a wona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:1
12 Referencias Cruzadas  

A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao.


Josiase, ha a reteleha, a bona mabitla a le teng thabeng; ebile o a romela, a ntsha masapo mabitleng, a a tjhesa aletareng, a e silafatsa, ka ho ya ka lentswe la Jehova leo monna wa Modimo a neng a le boletse mohla a bolelang ditaba tsena.


Le baprista bohle ba nqalo tse diphahameng, a ba bolaela dialetareng, mme a tjhesa masapo a batho hodima tsona; a ntoo boela Jerusalema.


mme setopo sa Jesebele se tla ba jwaloka kgapane hodima lefatshe, naheng ya Jisreele, ho tle ho se ke ha thwe: Ke yena Jesebele.


Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.


Haele setjhaba seo baporofeta ba ntseng ba se porofetela, ba tla rapalletswa diterateng tsa Jerusalema ke tlala le ke lerumo, ho hlokehe ya ba epelang, bona, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona; mme ke tla ba tshollela bobe ba bona.


Letsoho la Jehova la eba teng ho nna, mme Jehova a ntlosa ka moya, a mpea hara thota, mme e ne e tletse masapo.


Dialetare tsa lona di tla heletswa, ditshiya tsa lona tsa letsatsi di rojwe, mme ke tla dihela ba bolailweng ba lona pela ditshwantsho tsa lona.


Ke tla bea ditopo tsa bana ba Iseraele pela ditshwantsho tsa bona, ke qhalanye masapo a lona pela dialetare tsa lona.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos