Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:3
22 Referencias Cruzadas  

Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Empa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng, ya busitseng merabe ya ntlo ya Iseraele lefatsheng la Leboya, le mafatsheng wohle moo ke neng ke ba hasanyeditse teng, mme ba tla ikahela lefatsheng la bona.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Hobane ke ka baka leo a rometseng ditaba ho rona Babilona, a re: Ho sa tla isa halelele; hahang matlo, le ikahele teng; lemang masimo, le itjelle dijo tsa wona.


Yaba Bajuda kaofela ba kgutla dinqalong tsohle tseo ba neng ba qhalanyeditswe ho tsona, ba kgutlela lefatsheng la Juda, ho Gedalia, Mitspe, ba bokella veine le ditholwana tse ngatangata.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bone bobe bohle boo ke bo hlahiseditseng Jerusalema le metse kaofela ya Juda; bonang, kajeno e hlile e senyehile, ha ho sa le moahi ho yona;


Bohale ba ka le kgalefo ya ka ya ba ya tsholoha, ya tuka metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tse fetohileng lesupi le lefeella, jwalokaha ho bonahala kajeno.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ba tla kgwahlapisa masala a Iseraele, jwalokaha ho kgwahlapiswa morara. O busetse letsoho la hao dirotong, jwalokaha ho etswa ke ya kgwahlapisang.


Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta;


Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.


Etlare hobane o hlahelwe ke ditaba tseo tsohle tseo ke di beileng pela hao, e leng lehlohonolo le thohako, ha o ikgopotsa tsona pelong ya hao, o le hara ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o qhalanyetsa hara tsona,


Esita le hoja ba bang ba hao ba qhalantsweng ba ka ba pheletsong ya lehodimo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o phutha teng, a o late hona teng.


ba re ho dithaba le ho mafika: Re weleng hodimo, le re pate pela sefahleho sa ya dutseng teroneng le pela bohale ba Konyana.


Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos