Jeremia 8:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)4 O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Na motho a ka wa, a sa hlole a tsoha na? Na motho a ka kweneha, a sa hlole a kgutla na? Ver CapítuloBIBELE4 “O be o ba bolelle, o re: “ ‘Morena o bua tjena: “ ‘Ha motho a wela fatshe, na ha a ke a tsoha hape? Ha motho a kgeloha tsela, na ha a ke a kgutlela ho yona? Ver Capítulo |
Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.