Jeremia 19:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino. Ver CapítuloBIBELE13 Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.’ ” Ver Capítulo |
a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.
Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.