Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 19:13 - BIBELE

13 Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 19:13
19 Referencias Cruzadas  

Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.


A silafatsa Tofete e ka kgohlong ya bana ba Hinome, e le hore ho se be motho ya ka etsetsang Moloke sehlabelo sa setjheso ka mora kapa ka moradi wa hae.


Dialetare tse neng di le hodima marulelo a ntlo e kahodimo, ya Akase, tse neng di hahilwe ke dikgosi tsa Juda, le dialetare tseo Manase a neng a di hahile mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena, kgosi ya di heletsa, ya di thua, ya lahlela kumokumo ya tsona ka molatswaneng wa Kiderone.


A thua difika tseo ba di kgumamelang, a diha ditshwantsho tsa Ashera, mme moo di neng di le hona teng a qhalla masapo a batho.


Ba tjhesitse Sehalalelo sa hao, ba heletsa, ba tlontlolla Leaho la hao.


Pesalema ya Asafo. Morena, baditjhaba ba kene, ba kene hara lefa la hao, ba silafaditse Tempele, Tempele ya hao e halalelang, ba fetotse Jerusalema lesupi.


Bona ke boporofeta malebana le Kgohlo ya Pono: Ebe jwale molato ke ofe ha e le moo le hlweletse hodima matlo?


Sena ke tla se etsa sebakeng sena le ho baahi ba sona, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o etsa hore o be jwaloka Tofete.


Bakalatiya ba futuhetseng motse ona, ba tla fihla ba o tjhese ka mollo, hammoho le matlo ao beng ba wona ba nkgalefisitseng ka ho tjhesetsa Baale mokubetso hodima marulelo a matlo ao a bona, le ka ho etsetsa medimo esele nyehelo ya dino.


Empa haesale re kgaotsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino, re ile ra hloka dintho tsohle, ra bolawa ka sabole, ra bolawa ke sekoboto.”


Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso.


Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimo maqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko.


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.


bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome.


Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.


Yaba Modimo o a ba furalla, o neelana ka bona ho sebeletsa lebotho la lehodimo, jwalokaha ho ngotswe bukeng ya baporofeta, ho thwe: “ ‘Na lona ba ntlo ya Iseraele, le nnyeheletse ka tse hlabilweng le ka dinyehelo ka dilemo tse mashome a mane lehwatateng?


Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos