Jeremia 8:2 - BIBELE2 A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena. Ver Capítulo |
A leleka baprista ba bohata, bao dikgosi tsa Juda di ileng tsa ba hlomamisa ho tjhesa mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema. A leleka ba neng ba tjhesetsa Baale mokubetso, ba o tjhesetsa le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng tshweu tsohle tsa lehodimo.
Kgohlo yohle eo ho lahlelwang ditopo le molora ka ho yona, le naha yohle ho ya fihla molatswaneng wa Kiderone, le ho ya fihla sekgutlong se ka botjhabela, se bitswang Kgoro ya Dipere, naha eo yohle ho Morena e tla halalela. Motse oo o ke ke wa hlola o sa ripitlwa, leha e le ho timetswa le ka mohla.”
Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.