Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Phupu ya hae e tla tshwana le ya tonki, a hulanngwe, a lahlelwe kantle, a akgelwe thoko ho kgoro tsa Jerusalema.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:19
13 Referencias Cruzadas  

Ka baka la tseo, bona, ke tla hlahisetsa ntlo ya Jeroboame kotsi, ke timetse ha Jeroboame ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng, ke fiele ntlo ya Jeroboame, jwalokaha ho fielwa ditshila, di be di fele.


Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebudda, moradi wa Pedaia wa Ruma.


Jojakime a orohela ho bontatae, mme mora hae, Jojakine, ya eba morena tulong tsa hae.


Ba ya, ba re ba mo epela; ba mpa ba se ke ba fumana letho, haese lehata, le maoto le diatla tsa matsoho a hae.


Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaalela a koporo, a mo isa Babilona.


Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;


Ke tla bea dikotsi tse mefuta e mene ho bona, ho bolela Jehova; e tla ba lerumo ho bolaya, le dintja ho harola, le manong a lehodimo, le dibatana tsa lefatshe ho ja le ho senya.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, morena wa Juda: A ke ke a ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida, mme setopo sa hae se tla lahlelwa kantle komellong ya letsatsi le serameng sa bosiu.


Ho ye wena, o bale maqepheng seo o se ngodileng ka molomo wa ka, e leng mantswe a Jehova, o a bale ditsebeng tsa setjhaba, ka tlung ya Jehova, tsatsing la ho itima dijo, o bale le ditsebeng tsa Bajuda kaofela ba tlileng ba etswa metseng ya bona.


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


Yaba ditjhaba tse ka mathoko di tla e lwantsha, tsa e alla letlowa la tsona, yaba ya tshwaswa lemeneng la tsona.


O tla wela naheng; efela ke nna ke boletseng: ho rialo Morena Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos