Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:19 - BIBELE

19 Phupu ya hae e tla tshwana le ya tonki, a hulanngwe, a lahlelwe kantle, a akgelwe thoko ho kgoro tsa Jerusalema.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:19
13 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore!


Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebuda, moradi wa Pedaya, ya tswang motseng wa Ruma.


Yaba Jehoyakime o a shwa, mme Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ba tsamaya, ba re ba ya mo epela, empa ba se ke ba fumana letho la setopo sa hae haese lehata, le maoto, le diatla tsa hae feela.


Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a mo isa Babilona.


Ha monna a ka tswala bana ba lekgolo, mme a phela dilemo tse ngata, ha ho tsotellehe hore na o phela halelele hakae, haeba a ke ke a ithabisa ka maruo ao a hae, le phupu ya hae ya eba e tlontlollang, nna ke re sefolotsana se lehlohonolo ho mo feta.


“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.


Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: ‘Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame.


ka baka leo, wena tsamaya, o yo bala ditaba tseo o di ngotseng bukeng di etswa molomong wa ka, e leng mantswe a Morena; o di balle ka Tempeleng ya Morena, moo setjhaba se ntseng se utlwa, mohla letsatsi la ho itima dijo. O be o di balle le bohle ba morabe wa Juda ba tswang metseng ya bona.


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


Yaba tjhaba di futuhela tawana, tsa e futuhela di etswa kahohle; tsa e tjhehela leraba e tle e tshwaswe, mme ya wela ka lemeneng la tsona.


Le tla bolaelwa hara naha, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos