Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:18 - BIBELE

18 Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka!’ Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae!’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda: A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! ngwaneso! leha e le: Jo! kgaitsedi! A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! morena! Jo! bokgabane ba hae!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:18
17 Referencias Cruzadas  

Jonathane, moreso, ke pelotlhomohi ka wena, ho nna o no rateha hakaakang! Rato la hao ho nna e ne le mohlolo, le la basadi le a shaitsa.


Setopo sena a se epela ka lebitleng la hae, mme ba llela moporofeta, ba re: “Jo! ngwaneso wee!”


Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebuda, moradi wa Pedaya, ya tswang motseng wa Ruma.


A ntsha setshwantsho sa Ashera se ka Tempeleng ya Morena e Jerusalema, a se isa molatswaneng wa Kiderone, a se tjhesetsa teng, a se etsa thuethue, mme molora wa sona a o qhalla hodima mabitla a motse.


Yaba Jehoyakime o a shwa, mme Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.


Bara ba Josiya ke: Johanane, letsibolo la hae, wa bobedi ya eba Jehoyakime, wa boraro ya eba Sedekiya, wa bone ya eba Shalome.


Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.


Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae.


‘Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.’ ”


“Ba hlomphehang le ba eisehang ba tla shwela naheng ena. Ha ba na ho epelwa leha e le ho llelwa; ha ho ya tla iphatsa kapa a kute moriri wa hae ho bontsha maswabi a hae.


“Hape bolella ba ntlo ya bokgosi ba Juda, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena.


Se lleleng mofu, le kgutsana le se e rwale, le mpe le llele haholo ya thopilweng, hobane ha a ka ke a hlola a kgutla hape, leha e le ho bona fatshe la tswalo ya hae.


O tla shwela naheng eo a thopetsweng ho yona, mme a ke ke a hlola a bona naha ena hape.”


empa o tla itjhwella ka kgotso. Jwalokaha setjhaba se ne se besetse bo-ntataomoholo, e leng dikgosi tsa boholoholo tse bileng teng pele ho wena, mollo wa bofifi, le wena se tla o besetsa mollo o jwalo, se o llele, se re: “Oho, morena wa rona!” Ke nna ya buang jwalo, ho rialo Morena.’ ”


Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: ‘Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos