Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 22:17 - BIBELE

17 “Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:17
41 Referencias Cruzadas  

O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”


Jehoyakime a etsa bobe mahlong a Morena, ka ho etsa tsohle tseo bo-ntataemoholo ba neng ba di etse.


Hape e ne e le ka baka la madi a se nang molato, ao Manase a neng a a tsholle, a etsa hore madi a se nang molato a phalle kahohle Jerusalema; kahoo Morena a sitwa ho mo tshwarela.


Jwale diketso tse ding tsa Jehoyakime, le manyala ao a ileng a a etsa, le tseo a neng a nyatsuwa ka tsona, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda. Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.


Haeba mehato ya ka e kgelohile tseleng, eba pelo ya ka e hohetswe ke mahlo a ka, eba manothoko a nkgomaretse matsohong;


Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa.


Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.


hobane ba inahanela ho sebedisa dikgoka, melomo ya bona e bua dimpe.


Ke ntja tsa menyollo, ha di ke be di kgore, ke badisana ba se nang kutlwisiso, motho ka mong o ikela ka tsela ya hae, motho ka mong o ipatlela mouno moo o ka bang teng.


Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale.


Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato.


Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.


“Ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela ho fumana qhoqha; baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Remang difate, le hahe metero, le etsetse Jerusalema thibella. Ona motse o lokelwa ke kotlo, kahare ho wona ho tletse kgatello.


haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona;


Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


a hatella mafutsana le bahloki, a tlatlapa motho ka mahahapa, a sa buseletse moadimi a mmuseletsa peeletso ya hae, a rapela medingwana ya bohata, a etsa dintho tse manyala;


Dinyane la feresa kahara ditau tse kgolo, la hola, la ba la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho.


Qhobosheane tsa bona ya di heletsa, metse ya bona le yona ya e ripitla. Baahi bohle ba naha eo ba tshoha, ba tshoswa ke tawana ha e puruma.


Tsa e kenya ka mokibeng e le mahlaahlela, tsa e isa ho kgosi ya Babilona; tsa a hlahlela ka tjhankaneng ho puruma ha yona ho se ke ha utlwahala, ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.


“ ‘Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng!


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Ba tswela masimo a batho pelo, ba a hape, ba honohele matlo a batho, ba inkele wona; ba hatella motho le ba lelapa la hae, ba mo hatelle, ba je lefa la hae.


Ka tshollo ya madi Sione le e hahile, ka bokgopo ba lona la haha Jerusalema.


Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.


Ba tletse ho se loke hohle, bokgopo, meharo, bobe; ba tletse mona, polao, diphapang, mano, mekgwa e mebe; ke basebi,


le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.


Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.


E ile yare ha ke bona seaparo se setlesetle hara kgapo e tswang Shinare, le silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi, le setene sa kgauta se ka etsang boima ba halofo ya kilo, ka di tswela pelo, yaba ke a di nka. Ke di epetse fatshe, bohareng ba tente ya ka. Silefera e aleditse katlase ho tsona.”


Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng.


Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.


Bara ba hae ba se ke ba latela mehlala ya hae, ba kgeloha, ba batla maruo ka bolotsana; ba amohela tjotjo, ba sokamisa toka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos