Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hlwella Lebanone, o howeletse; phahamisetsa lentswe Bashane, o howeletse o le Abarime, hobane dinyatsi tsa hao kaofela di robaketswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “Nyolohela Lebanone, o yo howa hona teng, o meketse, ntswe la hao le yo utlwahala Bashane, o meketse haholo o le thabeng tsa Abarime, hoba baratuwa ba hao bohle ba timeditswe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:20
22 Referencias Cruzadas  

Haele morena wa Egepeta, ha a ka a boela a tloha fatsheng la hae, hobane morena wa Babilona a ne a nkile naha e neng e le ya morena wa Egepeta, ho qala molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Eufrate.


Etlare ha o howa, na dihlopha tsa medimo ya hao di tla o namolela na? Athe moya o tla e nkela koo kaofela ha yona, e tloswe hang. Empa ya itshepetseng nna o tla ja lefa la lefatshe, a rue thaba ya ka e halalelang.


Bona leoto la hao hore le se ke la tsamaya feela, le mmetso wa hao hore o se ke wa oma. O mpa o re: Le hanyenyane! ke mpa ke ratile medimo ya baditjhaba, ke tla nne ke e latele.


O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.


Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.


Badisa ba hao bohle ba tla nkwa ke moya, dinyatsi tsa hao di iswe kgolehong; ke moo o tla hlabiswa dihlong, o swabe ka bolotsana bohle ba hao.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.


Mme wena, mosenngwa, o tla etsang na? Leha o ka ikapesa ka sekarelata, wa itlhophisa ka mekgabo ya kgauta, wa itlotsa mahlo ka setlolo, ke lefeela ha o iketsa e motle; dinyatsi tsa hao di hlile di a o nyedisa; di batla bophelo ba hao.


Nkile ka bitsa barati ba ka, ke bona ba nkekileng. Baprista ba ka le baholo ba ka ba kile ba timela motseng, ba ntse ba sikila dijo tse ka tsosang meya ya bona.


O lla le ho lla ka bosiu, meokgo ya hae e seka marameng a hae; hara barati ba hae kaofela ha ho motshedisi; metswalle ya hae yohle e mo thetsitse, e fetohile dira ho yena.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Oho Oholiba, bona, ke tla o tsosetsa barati ba hao, bao moya wa hao o ba hlobohileng, ke ba tlise ba etswa nqa tsohle ho tla o lwantsha:


Ke kahoo ke neng ke mo neela matsohong a barati ba hae, matsohong a bana ba Assiria, bao a neng a ba rata haholoholo.


di entse masokwana a hao ka dieike tsa Bashane; ditulo tsa hao di di entse ka dinaka tsa ditlou tse hometsweng difateng tsa bokise tsa dihlekehleke tsa Kittime.


Jehova a re ho Moshe: Nyolohela thabeng eo ya Abarime, mme o tadime lefatshe leo ke le neileng bana ba Iseraele.


Nyolohela thabeng eo ya Abarime, qhoweng ya Nebo, e naheng ya Moabe, mabapa le Jeriko, mme o tadime lefatshe la Kanana leo ke le neang bana ba Iseraele, ba tle ba le rue.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos