La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.

Ver Capítulo

BIBELE

“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”

Ver Capítulo



Jeremia 2:13
49 Referencias Cruzadas  

Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.


Hobane sediba sa bophelo se ho wena; re bona lesedi leseding la hao.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Lefeela la mafeela, ho rialo Mmoledi; lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!


Lefeela la mafeela, ho bolela Mmoledi, tsohle ke lefeela!


Empa eitse ha ke tadima mesebetsi yohle eo matsoho a ka a e entseng, mme ke bala mokgathala oo ke ikgathaditseng ka wona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihlelwang ka tsohle tse etswang tlasa letsatsi.


hobane o ye a be teng motho eo mosebetsi wohle wa hae o entsweng ka bohlale le ka tsebo le ka masene, athe o tla o siela motho e mong ya sa kang a ikgathaletsa wona. Hoo le hona ke lefeela, ke kotsi e kgolo.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.


Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.


Le tla ikgella metsi ka thabo didibeng tsa poloko;


Ka baka leo, setjhaba sa ka se se se ya kgolehong se sa lemohe, baholo ba hlomphehang ba sona ba lapa, bongata ba sona bo omella ke lenyora.


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


Hobane o itse: Ke setjhaba sa ka, ke bana ba sa ikgantsheng; mme e bile Molopolli wa bona.


Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.


Benghadi ba roma bafo ba bona metsing, ba ya mameneng ba sa fumane metsi, ba kgutla dipitsa di le feela, ba hlabiswa dihlong, ba swabile, ba ikgurumeditse dihlooho.


O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.


Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.


Na lehlwa la Lebanone le ka tlohela lefika le naheng na? Na metsi a phallang, a phodileng, a tswang hole, a ka psha na?


Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;


A setjhaba se ka ba teng se hlobohang medimo ya sona? athe yona hase medimo! Empa setjhaba sa ka se hlile se hlobohile kganya ya sona ho rua lefeela.


Ha ke re, ho hlahisitseng hoo ke hobane o hlobohile Jehova, Modimo wa hao, mohla a o tsamaisang tseleng?


Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Hobane ba babe ba teng setjhabeng sa ka, ba nanarelang jwalokaha ho kgukgunela batshwasi ba dinonyana; ba tjheha sefi, ba tshwasa batho.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


ke tle ke tshware ba ntlo ya Iseraele ka dipelo tsa bona, hobane ba ntahlile bohle ho latela ditshwantsho tsa bona.


Yaba o mpusetsa monyakong wa ntlo; mme ka bona metsi a etswa tlasa monyako a ntlo, ka nqa botjhabela; hobane sefahleho sa ntlo se ne se tadimile ka nqa botjhabela. Metsi a ne a theoha, a tloha tlasa lehlakore le letona la ntlo, ka nqa borwa ho aletare.


Athe le moaba, setjhaba sa ka se ipeile sera. Le hlobodisa batho kobo eo ba e aparetseng hodima e nngwe, ha ba iphetela ka kgotso, ba sa hopole ntwa.


Setjhaba sa ka, ke entseng ho wena? Ke o tubile kang? Nkarabele hle!


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang.


Mosadi a re ho yena: Morena, ha o na sekgello sa ho kga, le sediba se sekoti; metsi ao a kollang o a nkile kae na?


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


Ka letsatsi la ho qetella mokete, e leng le leholo, Jesu a ema, a howa, a re: Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Bao ke didiba tse se nang metsi, ke maru a fefolwang ke sefefo, mme botsho ba lefifi bo boloketswe bona ka ho sa feleng.


A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.


Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


Le mpa le mphuraletse, le sebeleditse medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela.


Ba hoeletsa ho Jehova, ba re: Re sitilwe, hobane re lahlile Jehova, ra ya, ra sebeletsa boBaale le Diashtarothe; jwale, re namolele matsohong a dira tsa rona, re tle re o sebeletse.