Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 1:14
13 Referencias Cruzadas  

Lefeela la mafeela, ho bolela Mmoledi, tsohle ke lefeela!


Empa eitse ha ke tadima mesebetsi yohle eo matsoho a ka a e entseng, mme ke bala mokgathala oo ke ikgathaditseng ka wona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihlelwang ka tsohle tse etswang tlasa letsatsi.


Ka ba ka ila bophelo ke ho kgathatswa ke mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; ruri tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Hobane kotsi e hlahelang bana ba batho, e jwalo e hlahela le diphoofolo: bobedi ba bona bo hlahelwa ke kotsi e le nngwe. Mokgwa oo motho a shwang ka wona, le yona phoofolo e shwa jwalo; moya wa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo kateng, etswe tsohle e le lefeela.


e ne e le setjhaba se sengata, o ne a ba busa kaofela; leha ho le jwalo, ba tlang ho tla kamorao, ba ke ke ba mo thabela; hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


empa seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho ena le diatla tse pedi tse tletseng mokgathala le mosebetsi o nyopileng.


Se bonwang ka mahlo se molemo ho ena le se labalabelwang ke pelo. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Eitse ha ke sekeha pelo ya ka hore ke tsebe bohlale, mme ke nahana mesebetsi e etswang lefatsheng, ke sa nee mahlo a ka boroko motshehare, leha e le bosiu,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos