Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:13
40 Referencias Cruzadas  

Bontata rona ba nna ba bea tshepo ya bona ho wena, ba bea tshepo ya bona, mme wa ba pholosa;


Haele nna, ke hlomohile, ke bohloko; thuso ya hao, Modimo, e ke e mpee nqalong e phahameng.


Hobane wena, Morena, o tshepo ya ka; esale le botjheng ba ka, ke beile tshepo ya ka ho wena, Jehova.


Hobane ba o kwenehelang ba tla fela. O timetsa bohle ba yang ho itshilafaletsa hole le wena.


Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.


Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae.


Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


Tshepo ya Iseraele, mopholosi wa hae tsatsing la tsietsi, na o ya ba jwaloka moditjhaba lefatsheng, kapa jwaloka moeti ya fapohang tsela ho hlola bosiu feela na?


O se ke wa ba letsoso ho nna; o setshabelo sa ka tsatsing le lebe.


Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.


Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.


Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;


Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.


Ha ke re, ho hlahisitseng hoo ke hobane o hlobohile Jehova, Modimo wa hao, mohla a o tsamaisang tseleng?


Bohle ba di fumaneng ba ne ba di ja, bao e leng dira ho tsona ba ne ba re: Ha re na molato, kahobane ba hlile ba sitetswe Jehova, leaho la ho loka, tshepo ya bontata bona, yena Jehova.


Letsoho la ka le tla lwantsha boporofeta ba bonang mafeela, ba nohang mashano; ba ke ke ba eba le kopano le setjhaba sa ka, ha ba ka ke ba ngolwa bukeng ya ntlo ya Iseraele; ha ba ka ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Ke mpa ke sa etse ka baka la lona, ho rialo Morena Jehova; sena se ke se tsejwe ke lona; hlajwang ke dihlong, le swabe ke mekgwa ya lona, ntlo ya Iseraele!


Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.


Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi.


Leha ho le jwalo, le se ke la thaba kahobane le hlola meya, haholo le thabe kahobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong.


Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona le ho bua le lona; hobane ke tlamilwe ka lehlaahlela lena ka baka la tshepo ya Iseraele.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona,


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngodilwe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.


Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos