Se ka beng se etseditswe tshimo ya ka ya merara, ke sefe kantle ho seo ke se entseng? Ha ke ne ke tshepile hoba e tla bea ditholwana tse monate, ke eng ha e beile tse babang na?
A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?
Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.
Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.