Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 6:4
29 Referencias Cruzadas  

Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!


Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.


Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Tloo he jwale, ke o rome ho Faro, mme setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, o ba ntshe Egepeta.


Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.


E tla ba yena mmueli wa hao ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, mme wena o be bakeng sa Modimo ho yena.


Ke bona ba neng ba bue le Faro, morena wa Egepeta, hore bana ba Iseraele ba tswe Egepeta. E, ke bona Moshe le Aarone.


O ntshitse setjhaba sa hao sa Iseraele lefatsheng la Egepeta ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botshabeho bo boholo.


Hape, ke nna ke neng ke le ntshe lefatsheng la Egepeta, ka le tsamaisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le tle le rue naha ya Baamore;


Miriame le Aarone ba seba Moshe, bakeng sa mosadi wa Kushe, eo a neng a mo myetse; hobane o ne a nyetse mosadi wa Kushe; ba re:


Ke ana maeto a bana ba Iseraele haesale ba etswa naheng ya Egepeta, ka makgotla a bona a neng a tsamaiswa ke Moshe le Aarone.


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.


O mpe o hopole hobane o bile mofo Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o lopolotse teng; ke ka baka leo ke o laelang ho etsa jwalo.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


Ka rapela Jehova, ka re: Oho, Morena Jehova, o se ke wa fedisa setjhaba sa hao sa lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, seo o se ntshitseng Egepeta ka letsoho le matla.


Samuele a eketsa a re ho setjhaba: Jehova ke yena ya neng a bee Moshe le Aarone, ya ntshitseng bontata lona lefatsheng la Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos