Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 6:2
19 Referencias Cruzadas  

Mangope a lewatle a hlaha; ha bonahala le metheo ya lefatshe ka baka la kgalemelo ya Jehova, le pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hae.


Teng, lefatshe la reketla, la thothomela; metheo ya mahodimo ya keqa, ya sisinyeha, kahobane a ne a halefile.


O tiisitse lefatshe metheong ya lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.


le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe.


mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.


Jehova o itlhahisa ho tseka, o ema ho ahlola ditjhaba.


Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!


Mme jwale, lona ba ahileng Jerusalema, le lona banna ba Juda, a le keng le ahlole taba eo ke nang le yona le tshimo ya ka ya merara.


Ka baka leo, ke tla nne ke le tsekise, ho bolela Jehova, ke tsekise le ditloholo tsa lona.


Modumo o ya ya le pheletsong ya lefatshe, hobane Jehova o na le tseko le ditjhaba, o tseka le bohle bao e leng nama; o neela ba babe lerumo, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova: Ha mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le yona metheo ya lefatshe e katlase e ka fihlelwa, ke moo ke tla lahla leloko lohle la Iseraele ka baka la tsohle tseo ba di entseng, ho bolela Jehova.


Jehova o na le tseko le Juda, o tla kgalemela Jakobo ka baka la metsamao ya hae, a mo etse tse tshwanelang diketso tsa hae.


Popelong ya mmae o ile a tshwara ngwanabo ka serethe, le boholong ba hae o kile a betana le Modimo.


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao!


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos