Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Mamelang seo Morena a se bolelang: “Emang le behe nyewe ya lona, le e behe kapele ho dithaba, maralla a ke a utlwe boipiletso ba lona.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 6:1
22 Referencias Cruzadas  

Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.


O bitsa mahodimo a hodimo le lefatshe, hore di tle kahlolong ya setjhaba sa wona, o re:


Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.


Jehova o itlhahisa ho tseka, o ema ho ahlola ditjhaba.


Utlwang, le mamele; le se ke la ithorisa, hobane ho bua Jehova.


Hela lefatshe, lefatshe, lefatshe, mamela lentswe la Jehova!


Oho mora motho, o porofetele dithaba tsa Iseraele, o re: Thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Jehova!


Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.


A re ho nna: Porofetela masapo ao, o re ho wona: Oho, masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Jehova!


o re: Thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re ho dithaba le ho maralla, ho dikgohlo le ho dikgutlo: Ke nna enwa, ke le tlisetsa lerumo, mme ke tla timetsa nqalo tsa lona tse diphahameng.


Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta;


Utlwang, lona ditjhaba kaofela! Sekeha tsebe, wena lefatshe le seo o tletseng sona, Morena Jehova e be yena ya pakang tsa lona, Morena a le tlung ya hae e kgethehileng!


dithaba di tla qhibidiha katlasa hae, dikgohlo di petsohe, jwaloka makgeha a dinotshi ha a le pela mollo, le jwaloka metsi a tsholletsweng motheong.


mme ke tla iphetetsa ka bohale le ka kgalefo hodima ditjhaba tse sa kang tsa utlwa.


Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re:


A ba araba, a re ho bona: Ke a le bolella, ke re: Bao ha ba ka kgutsa, majwe a ka howa.


Lona mahodimo, sekehang ditsebe, mme ke tla bua; le wena lefatshe, mamela mantswe a molomo wa ka.


kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.


Emang jwale, ke tsekisane le lona pela Jehova bakeng sa diketso tsohle tse lokileng, tseo Jehova a di etseditseng lona le bontata lona.


Samuele a re ho Saule: Lesa, ke o tsebise seo Jehova a mpoleletseng sona bosiung bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos