Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 19:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 19:4
49 Referencias Cruzadas  

Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.


Hape, a silafatsa Tofethe, sekgutlong sa bana ba Hinnome, hore ho se ka ha hlola ho eba motho ya tjhesang mora hae leha e le moradi wa hae, ho mo kgethela Moloke.


le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.


ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara ba bona le a baradi ba bona, bao ba ba hlabetseng ditshwantsho tsa Kanana; mme naha ya silafala ke madi.


Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.


Empa lona ba lahlang Jehova, ba lebalang thaba ya ka e halalelang, ba beelang Tosa tafole, ba tshellang Sefalabohoho seno se tswakilweng,


Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.


Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.


O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.


O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.


Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.


mme o re ho bona: Mamelang lentswe la Jehova, marena a Juda, le Bajuda bohle, le baahi kaofela ba Jerusalema ba ntseng ba kena ka menyako ena.


Leha ho le jwalo, setjhaba seo e leng sa ka se ntebetse, ba ile ho tjhesetsa ntho tsa lefeela dibano; ba kgelositswe tsela tsa kgale, le ho tsamaiswa mebileng esele, tseleng e sa katwang;


Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.


Ha ke re, ho hlahisitseng hoo ke hobane o hlobohile Jehova, Modimo wa hao, mohla a o tsamaisang tseleng?


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.


Etswe le mosehong wa kobo ya hao ho fumanwa madi a meya ya mafutsana a se nang molato, ao o sa kang wa a tshwara a phunya ntlo ya hao, empa e le ka baka la mekgwa eo ya hao yohle.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.


Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.


Ba ntsha Uria Egepeta, ba mo tlisa ho morena Jojakime, a mo hlaba ka lerumo, a ba a lahlela setopo sa hae mabitleng a bao e leng batho feela.


ke ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ho mphephetsa ka ho tsamaela medimo esele, le ka ho e tjhesetsa dibano, le ka ho e sebeletsa, eo ba neng ba sa e tsebe, leha e le bona, leha e le lona, leha e le bontata lona.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona;


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Ke ka baka la sebe sa baporofeta ba hae le la bolotsana ba baprista ba hae, ba nnileng ba tsholla madi a ba lokileng kahare ho wena.


Ka ba ka ba silafatsa ka dinyehelo tsa bona, kamoo ba neng ba tjhesa bara bohle ba matsibolo kateng, hore ke tle ke be ke ba etse lesupi, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke tla ba furallisetsa sefahleho sa ka; bao e leng dira ho nna ba tla silafatsa sehalalelo sa ka se patilweng; ba bohale ba tla kena Jerusalema, ba mo silafatse.


Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.


Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.


hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng, haesale lefatshe le thewa, a batlwe ho moloko ona,


Batho ba bolotsana ba tswile ho wena, mme ba kgelositse ba ahileng motseng wa bona, ka ho re: A re yeng, re sebeletse medimo esele eo le sa e tsebeng;


Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,


Jehova o tla o romela thohako, letsoso, le tshwenyo, mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona, a be a o fedise, o timele kapele, ka baka la diketso tsa bolotsana tseo o tla mphuralla ka tsona.


Jehova o tla o isa, wena, le morena wa hao eo o tla ipeela yena setjhabeng seo wena le baholo ba hao o sa kang wa se tseba, mme teng o tla sebeletsa medimo esele e entsweng ka mahong le ka majwe;


Jehova o tla o qhalanyetsa hara ditjhaba tsohle, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa ho e nngwe; mme teng o tla sebeletsa medimo esele, e sa kang ya tsejwa ke wena le ke bontatao, e leng medimo e entsweng ka mahong le ka majwe.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


Enere ha Baiseraele ba kgethile medimo e metjha, ke ha ntwa e tla hlaha dikgorong tsa metse. Hleka thebe, kapa lerumo, di ne di ka fumanwa ho Baiseraele ba kete tse mashome a mane na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos