Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 o re: ‘Lona dikgosi tsa Juda le baahi ba Jerusalema, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mamelang! Sebaka sena ke tla se dihela koduwa e tla etsa hore ditsebe tsa mang kapa mang ya e utlwang di hlohlone.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 19:3
18 Referencias Cruzadas  

Ke moo ditjhaba di tla hlonepha lebitso la Jehova, marena wohle a lefatshe a tshabe kganya ya hao.


Morena, ya leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la kgalefo ya hae.


Jwale he, marena, hlalefang; le lona, baahlodi ba lefatshe, le eletswe!


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


mme o re ho bona: Mamelang lentswe la Jehova, marena a Juda, le Bajuda bohle, le baahi kaofela ba Jerusalema ba ntseng ba kena ka menyako ena.


Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.


Hobane bonang, motse ona o bitswang ka lebitso la ka ke tla simolla ka wona ho hlahisa bobe; mme lona le be le ka phema kotlo na? Le ke ke la e phema, hobane nna ke memela baahi bohle ba lefatshe lerumo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, mme ha ba ka ba utlwa; nkile ka ba bitsa, mme ha ba ka ba araba.


ke ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ho mphephetsa ka ho tsamaela medimo esele, le ka ho e tjhesetsa dibano, le ka ho e sebeletsa, eo ba neng ba sa e tsebe, leha e le bona, leha e le lona, leha e le bontata lona.


Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.


Morena Jehova o re: Bona, kotsi, kotsi e bohloko e a tla;


Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos