Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 19:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 mme ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng ho tjhesa bana ba bona teng ka mollo, e tle e be setjheso ho Baale, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ke sa kang ka ba bolella sona, se sa kang sa itlhahela pelong ya ka;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 19:5
14 Referencias Cruzadas  

Ba tjhesa bara le baradi ba bona mollong, ba loya ka boloi, ba noha, ba ineela ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, hore ba mo halefise.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.


Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.


Morena Jehova o re: Erekaha o lahlile tjhelete tsa hao feela, mme bofeela ba hao bo kile ba apolwa bootsweng ba hao, ha o ena le barati ba hao; hape, ka baka la ditshwantsho tsohle tsa hao tse manyala, le la madi a bara ba hao bao o ba neetseng tsona,


Ka ba ka ba silafatsa ka dinyehelo tsa bona, kamoo ba neng ba tjhesa bara bohle ba matsibolo kateng, hore ke tle ke be ke ba etse lesupi, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Morena Jehova o re: Tsatsing leo, mehopolo e tla nyoloha pelong ya hao, o tla qapa morero o mobe,


O sa robetse, morena, o ne o hlahelwe ke mehopolo ya tse tla etsahala mehleng ya morao; ya senolang diphiri o o tsebisitse tse tlang ho tla.


O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Hosasane, Balake a nka Balaame, a mo nyolosetsa Bamothe-Baale; ha a le teng, Balaame a bona karolo ya ho qetella ya setjhaba sa Iseraele.


O se ke wa etsa Jehova, Modimo wa hao, jwalo, hobane manyala wohle ao Jehova a a hloileng, ba ditjhaba tseo ba a etseditse medimo ya bona; esita le bara ba bona le baradi ba bona, ba ne ba ba tjhesetsa medimo ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos