Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:13 - BIBELE

13 “Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:13
49 Referencias Cruzadas  

Ke kahobane ba mphuraletse, ba tjhesetsa medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.


Ba kgora manoni a ntlo ya hao; o ba nwesa nokaneng ya menate ya hao.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti; “lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!”


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!”


Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo.


Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Pholo e tseba monga yona, tonki e tseba sejelo sa yona, empa Iseraele yena o hloka tsebo, tjhaba sa ka sona ha se na kutlwisiso.”


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho.


Ka baka leo, tjhaba sa ka se tla thopuwa hoba tjhaba sena se hloka kutlwisiso; bahlomphehi ba sona ba tla bolawa ke tlala, bongata ba sona bo tla shwa ke lenyora.


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


“Ruri ke tjhaba sa ka,” ho rialo Morena, “bana ba ka ba ke keng ba bua leshano;” kahoo ya eba yena Mopholosi, Mopholosi wa bona,


Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola, ke se ahlolele bokgopo ba ho mphuralla, ba ho etsa mahlabelo, ho a etsetsa medimo esele, ho kgumamela medimo e entsweng ka matsoho a sona.


Mahosana a rometse bahlanka ho ya kga metsi, ba fihla didibeng, ba fumana di se na metsi; ba kgutla dinkgo tsa bona di le feela, ba hlabilwe ke dihlong, ba tsielehile, matsoho ba a beile hodima dihlooho.


Ke furaletswe ke wena, wa nna tjhetjha ka santhao,” ho rialo Morena. “Ke tla o tshwara ka letsoho la ka ke o timetse, ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.


Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo.


Na thabeng tsa Lebanone lehlwa le ka qhibidiha? Na metsi a maphodi, a tswang thabeng tseo, na metsi ao a ke a kgaotse ho phalla?


Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato.


Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.


Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?


“Jwalokaha leshodu le hlajwa ke dihlong, le hlajwa ke dihlong ha le tshwerwe, Baiseraele le bona ba hlajwe ke dihlong jwalo, bona le dikgosi le mahosana a bona, le baprista le baporofeta ba bona.


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


“Batho ba kgopo ba teng tjhabeng sa ka, ba lallang sa batshosi ba dinonyana, sa ba tjhehang difi hore ba kgate batho.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Ke tla etsa hona e le ho hapa dipelo tsa bana ba Iseraele, hobane bohle ba mphuraletse ka baka la medingwana ya bona ya bohata.’


Yaba monna eo o nkgutlisetsa monyako wa Tempele, mme ka bona metsi a phalla, a etswa katlase ho monyako wa Tempele, a phallela botjhabela, kaha Tempele e ne e tadimile botjhabela. Metsi a ne a phalla a etswa katlasa lehlakore le ka borwa ho monyako wa Tempele, ka borwa ho aletare.


Empa lona tjhaba sa ka le iphetotse sera! Motho wa kgotso ha a feta ka tsela, a iphetela, a sa nahane tsa ntwa, le mo amoha kobo a e apere.


“Lona tjhaba sa ka ebe ke le entseng? Ke le imeditse kang? Nkarabeng hle!


“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.


Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”


Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae?


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Batho bao ba jwaloka didiba tse psheleng, ba jwaloka maru a fefolwang ke sefefo; ba boloketswe lefifi le letsho.


A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela.


Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


Empa le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela.


Ba ipiletsa ho Morena, ba re: ‘Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos